Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Tlhekefetso ka motabo ke qholotso e kholo  Mapoteng

By :‘Mamohaila Rampo

BEREA

Bana ba banana tikolohong ea Mapoteng ba oele lerabeng la bokhachane bo sa reroang ba sa le tlase lilemong hape e ba mahlasipa a tlhekefetso ea ka malapeng ho latela tlhaloso ea sepolesa sa tikoloho eo.

Sepolesa sa Mapoteng se eme ke thata ho fenya boemo bona, empa le bona ba tobane le liqolotso tsa bona tse ba sitisang ho phetha mesebetsi ka bolokolohi.

Puisanong le Lepolesa la Motebo oa Mapoteng ebile e le Motlatsi oa Mookameli Lefapheng la Tšireletso ea Bana (CGPU) Constable Tumelo Mosebo, o boleletse Lentsoe la Sechaba hore bokhachaneng ba bana ba tlase lilemong bo bakoa  ke bofuma, haholo-holo ho bana ba baroetsana. Hape a re batsoali ba nka karolo tlhekefetsong ea bana ka ho hloka tsebo le ho iphapanyetsa tlhekefetso.

“Boholo ke bana ba kenang lenyalong ba le banyane lilemong, ka nako e ‘ngoe e ba tšusumeletso ea meetlo e etsang hore batsoali le bahlokomeli ba nke karolo litabeng tsa tlhekefetso, e ba bana ba shobela ba le banyane lilemong,” ho buoa Mosebo.

E le ho laola boemo ba ketsahalo ea tlhekefetso Mapoteng, Mosebo o lumela hore  haele fela sechaba le sona se sa  ikamahanya le ho fenya tlhekefetso kahare ho motse, Lesotho le tla lieha ho matlafala e le naha.

Sekhahla sa peto se tota haholo nakong tsa phomolo ea sekolo, moo le bana ba tobanang le liqolotso tse ngata. Haholo-holo ka nako ea seoa sa COVID -19 moo bacha  ba neng ba sa kene likolo. Nakong ena ho ne ho le thata ho ka fihlela bacha kaha ba sa e le lithupelong tsa lipitso tse tšoaroang mereneng ea metse. O khothalelitse batsoali ho baballa bana ka tšebelisano ea sechaba sohle, hore ba holise bacha ka nepo hobane litaba tsa litlhekefetso li qala lilemong tse tlaase.

Haufinyane eena Motlatsi oa Mookameli oa CGPU o re e le Sepolesa sa Lesotho, ba tšoere ngoana ea lilemo li tšeletseng a hlekefelitsoe ka motabo hona Mapoteng moo.

Mesebetsi ea mapolesa e le batšerelletsi ba sechaba ke ho hlokomela le ho baballa bana, empa ka lebaka la liqolotso tse ba tobileng, Maponesa a Mapoteng, Berea a sitoa ho etsa mesebetsi ea bona ka bolokolohi.

Qholotso e kholo kholo ke tlhokahalo ea likoloi e le ho thibela tlolo ea molao ka nako. Mehleng ea khale motebo oa Mapoteng o ne o na le lipere empa ho ea ka Constable Mosebo, lipere tseo li ile tsa fela, le sethuthuthu fela ke bothata. Koloi ea motebo oa sepolesa e ‘ngoe fela ‘me e sebelisoa tikolohong ea Berea kaofela, e kenyellelitse metebo ea Teya-teyaneng le Mapoteng.