Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Setsi sa tlhabollo ea batšoaruoa se phalleloa ka litlhare

By Liapeng Raliengoane

MOHALE’S HOEK – E le ho nanabetsa letsoho, mokhatlo oa batšoaruoa ba mehleng (CRROA) o phalletse setsi sa tlhabollo ea batšoaruoa sa Mohale’s Hoek ka meriana ka Labone la beke e fetileng.

Molula-setulo oa CRROA Mongahali Nkalimeng Mothobi o hlalositse ha sena e le ntšetsopele ea khahlametso eo mokhatlo o qalileng ho e etsa ka nako ea Covid-19 ea ho fana ka litlotso le sesepa ho litsi tsa tlhabollo ea batšoaruoa.

“Re se re ile ra rekela litsi tsa tlhabollo ea batšoaruoa thepa ea ho hloekisa le ho hlapa ‘me lekhetlong lena re rekile meriana ea mafu kapa matšoao a amahanngoang le Covid-19 esita le a mang ao  litsi tseo re li phalletseng li ile tsa bona e le litlhare tse ka hlokahalang bakeng sa batšoaruoa. Lekhetlong lena re reketse setsi sa tlhabollo ea batšoaruoa sa Mohale’s Hoek. Kamoso re tla phallela litsi tse ling,” Mothobi a rialo.

Hara meriana e fanoeng ke metsoako ea sefuba, lipilisi tsa sefuba, tse matlafatsang sesole sa ‘mele le tse ling.

Lebitsong la setsi sa tlhabollo ea batšoaruoa sa Mohale’s Hoek, lehlakore ha lea fumaneha hoba ba ne ba lebelletse tumello ea ho bua le bophatlalatsi ho bookameli bo boholo.

CRROA ke mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao Lesotho ka selemo sa 2010 e le hoba bathehi ba bone tlhoko ea ho akofisa boiketlo ba batšoaruoa le batšoaruoa ba mehleng ka ho loanela hara tse ling litokelo tsa bona tsa mantlha tsa botho.

Sepheo sa CRROA ke ho kata sekheo se teng pakeng tsa mahlatsipa a litlolo tsa molao le bahlekefetsi ba bona, le ho lokisa likamano lipakeng tsa batšoaruoa, malapa le sechaba ka kakaretso.

CRROA e sebetsana le thibelo ea botlokotsebe ka ho tšoara likopano le sechaba, ekaba likerekeng, likolong le metseng.