Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Sechaba se nka leeto ho fumana litšebeletso tsa bophelo

By Liapeng Raliengoane

MOKHOTLONG – Ha se hlalosa litaba tsa sona, sechaba sa tikoloho ea Pae-lea-itlhatsoa se re hore se fumane litšebeletso tsa bophelo, se nka leeto la letsatsi kaofela hoo ka matsatsi a mang ba robaletsang, ka lebaka la hore setsi sa bophelo sa Molikaliko se hole haholo.

Puisanong le Lentsoe la Sechaba, Moahi oa motse oa Matlakeng Mofumahali ‘Maboikano Setebe o itse motse oa bona, o hole haholo le litšebeletso, haholo tsa bophelo.

“Ka linako tse ling, re itulela malapeng re kula e be re hloloa ho fihlenyella setsing ka lebaka lona lena la hore ho sebaka. Ha se khale ke khoeling e fetileng ea Phupu, ha ke ne ke le faatše ke sefuba, ka sitoa ho hlaha setsing hoba ke sena pere e ka mphihlisang moo kaha ke ne ke tšerema. Ke ile ka ikoka lapeng ka arubela ka noa litlama-tlama, ‘me ke ile ka qetella ke folile,” Setebe a li beha joana.

Setebe o itse bothata bo bong ke ba hore litlhare li na le ho feela moo setsing, e be ba khutla feela, a etsa mohlala ka ente ea ‘maselese (measles) eo esaleng e ba siko ho tloha ngoahola (2021).  

A akhela oa hae molangoana, Mofumahali ‘Marethabile Lematla ho hlaha Motseng oa ha Ramosoeu Matlakeng o re eena ha a lebale selemong se fetileng ha ngoana hae ea neng a imme a lokela ho pepa ka khoeli ea Hlakubele. Morali enoa oa hae o ile a kopana le bothata ba hore ha a ntse a le tseleng e lebang setsing sa bophelo e be oa itšihlolla.

Mofumahali Lematla a li beha tjena; “Ngongoreho ea ka e kholo ka nako eo morali enoa oaka a pepelang tseleng, e ne e le taba ea hore o na le lefu la phallo e phahameng ea mali, hona ho bolela hore bophelo ba hae le ba lesea bo ne bo le tlokotsing. Ka lehlohonolo, morali eo oaka le lesea la hae ba ile ba phela ‘me ha ho ka ha e-ba le bothata ba letho.”

Mofumahali Lineo Lentša eena ha a teka mathata a tikoloho ea habo, o itse litsela esale pharela kahoo ba qetella ba nka thepa ka matsoho hore e fihle moo e reretsoeng. A etsa mohlala ka sekolo sa mathomo sa Ramosoeu seo ha lijo li tlisoa li theoloang Motseng oa Maloraneng e be ba li nka ka matsoho ho ea sekolong ‘me ho nka lihora tse tharo ho fihla sekolong moo, a re likoloi ha li fihle ka lebaka la tsela e mpe.

Mofumahali Lentša a tsoela-pele ho hlalosa hore setsi sa bophelo se hole haholo le bona ‘me ba qetella ba iphumana ba entse bana ba sa reroang hoba litšebeletso tseo tsa thero ha ba tla li fumana ba lokela ho nka leeto la letsatsi kaofela. O hlalositse ha takatso ea hae e le hore ekare ba ka tlisetsoa litšebeletso tsa thero ea malapa motseng le ha e ka ba hanngoe ka khoeli. A hlalosa ha ho e-na le setsi sa bophelo seo Morafo oa Letšeng esale o ba hahela sona motseng oa Maloraneng empa setsi seo se joalo se eso sebetse ka ha tlaleho e le hore baoki ba sitoa ho ba teng kahore ha ho na liphaphusi tsa bolulo tseo ba ka li sebelisang.

Lehlakoreng le leng, Mosebeletsi oa tsa bophelo metseng, Mofumahali ‘Mamapholo Ntsiki o itse mosebetsi oa hae o boima hoba ha hona marokho ‘me ka linako tse ling ha lipula li na haholo, ba tšaba ho isa bakuli ngakeng kaha setsi sa bophelo seo ba se sebelisang e leng sa Molikaliko se hole haholo.

“Setsi sa bophelo sona se teng, re se ahetsoe ke Morafo oa Letšeng, empa bothata ke hore baoki ha baeo kaha matlo a lulang basebetsi a le siko. Bothata bo bong mosebetsing ona oa ka ke hore lisebelisoa tse kang liatlana le tse tlamang bakuli ha ba lemetse lia fokola,” a li beha tjena mosebeletsi oa tsa bophelo metseng.

O hlalositse hape ha lingaka li e-na le ho tla metseng ho ea thusa bakuli e le khahlametso kaha setsi se le hole, empa a re selemong se holimo, ha ho e so be le ketelo e joalo motseng ea lingaka. A ipiletsa ho bohle ba amehang hore o kopela baahi lithibela pelehi, haholo likhohlopo kaha a sa atlehe ho ba tlela le tse ngata ka lebaka la thoto eo a e nkang le sebaka seo a se tsamaeang ho ea setsing sa bophelo Molikaliko.