Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Melemo ea ho ja meroho ea Sesotho

Meroho ea Sesotho ena le melemo e mengata haholo ho Basotho, hoo ba e sebelisang ho phekola a mang a mang a mafu. Meroho eena e boetse e-ea phehoa eba e tla jeoa ka papa. Mofumahali Lerato Seleteng-Kose ele setsebi ka meriana le litlama tsa Sesotho ebile ele morupeli sekolong se Seholo sa Sechaba (NUL) o re hlalosetsa ka melemo ea meroho ea Sesotho. KA: MOSA MAOENG

Mofumahali Kose   o   re   meroho   eena e bapala karolo e kholo maphelong a Basotho ka ho fana ka matsoai, ho etsa mosebetsi oa ho thibela le ho loantša mafu, lihaha mmele le ho ba le litlheferetsi le ha e meng ea meroho e le lehola ho tloha semelong sa ona. Empa ho latela mosebetsi oo meroho eena e o etsang e pakoa ele molemo haholo linthong tse ngata. Meroho e meng e na le kalafo kapa pholiso ka hare ho eona. E meng ea meroho e sebelisoang ke Basotho le melemo ea eona ka ho fapana e hlalositsoe joana:

Seruoe: Moroho ona o thusana haholo ka ho fana ka lijo tlatsetso tse kang tšepe le lihaha ‘mele. O boetse o na le kalafo ‘me o sebelisoa haholo ho phekola mafu a kang ho ntša manyooa le ho sebetsa ho hlatsoa mali. Moroho ona o sebetsa hantle ha u sa le monyenyane.

Thepe: Moroho ona o tsebahala ka ho thibela mafu le ho ba le tšepe e ngata le lijo tlatsetso. O boetse hape o hlatsoa mali, o thusa hape ka ho eketsa lebese ho batsoetse ba anyesang, le eona ka mokhoa o tšoanang o sebetsa haholo haosale monyenyane.

Qhela: Moroho ona o na o fana ka limatlafatsi le lithibela mafu, o kenyelelitse hape le lijo tlatsetso.

Sepaile: Ona ke moroho oo Basotho ba o tšepelang ho phekola kapa ho felisa hlala. O boetse hape o fana ka lijo tlatsetso joaloka meroho e meng ea Sesotho e se boletsoe ka holimo.

Papasane: ka mokhoa o tšoanang le ona o ntse o fana ka lijo tlatsetso tse thusanang haholo ho matlafatsa sesole sa ‘mele.

Selae/Semetsing: Le ka mokhoa o tšoanang, moroho ona o ntse o thusana haholo ka ho thibela mafu le ho fana ka li haha ‘mele.

Bobatsi: Bobatsi ke moroho o monate haholo o sebelisoang ke Basotho ho phekola a mang a mafu a kang maqeba a ka mpeng, lesokolla, tsitsipano ea ‘mele le serame sa masapo. O boetse o fana ka lihaha ‘mele, limatlafatsi le lijo tlatsetso tse kang tšepe. Hape o hloekisa senya le ho nyolla sesole sa ‘mele. O sebetsa haholo ha o sa le monyenyane.

Leshoabe: Ke moroho oa Sesotho oo basotho ba o sebelisang ho phekola letšollo, sefuba, mathata ao basali ba kopanang le ona ha ba le matsatsing ekasitana le ho ruruha.

Leha meroho eena e ntse e fana ka limatlafatsi, le ho sebetsa joaloka meriana, Basotho ba se ba tlohile ho eona ‘me ba se ba   e-ja meroho e   kang k’habeche le spineche. Mosotho ea ntseng a e ja meroho ea Sesotho o se a shebahala joaloka koata.