Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Litebello tsa sechaba ho ‘muso o mocha

MASERU

Sephetho sa likhetho tsa selemong sena se phahamisitse maikutlo a sechaba esita le ho nyolla litebello tsa ntlafatso har’a sechaba ka mekhahlelo ea sona. E le ho fuputsa ka litebello tsena, Lentsoe la Sechaba le tsoile letšolo bekeng e fetileng ho utloa seo se se labalabelang pusong ena e ncha, ‘me sechaba se boletse joana:

  1. Sheane Moji

Ke nahana hore ‘Muso ona o ka tsoela sechaba molemo haholo ha o ka qala ka ho fokotsa bobolu makaleng a ‘Muso. Hape Ke lakatsa ho bona litaba tsa Tlhopho-bocha li phetheloa e le hore re hatele pele re le sechaba. Ke boetse ke labalabela khotso ka hare ho naha ea Lesotho, e le hore nka lakatsa ho bona tsamaiso e ntle litsing tsa tšireletso – NSS, LMPS le LCS, li qalelle ho ithuta ho tsoa litabeng tsa lipolotiki joalo kaha LDF e se e entse. Ke tšepile hore puso e ncha ena e tla phethahatsa tsena tsohle leha ke utloisisa hore ha se lintho tse tla etsahala ka selemo kapa tse peli.

Litsela li eketsoe haholo holo tse kenellang Ka hare ho toropo ho fokotsa sephethe-phethe, le moo litsela li leng sieo hohang li betloe e le ho nolofatsa bophelo. Bohle ba mesebetsing, empa ba sa abeloa mangolo a thuto ba lelekoe e le ho fokotsa lenane la bacha ba lutseng hae Ka mangolo. Maqheku a mpe a nyolleloe penchele hoba cheletana eno eo ba e kholang ha e khone ho ba phelisa.

Ke lebelletse hore ‘muso o fane ka bonyane M500.00 ho Mosotho e mong le emong a sa sebetsenghape batho ba senang mangolo a sekolo a nepahetseng ba tlosoe mesebetsing. Libakeng tse fihlellehang ka thata kannete ho ke ho be le litsela le marokho.

Lifeme tse koetsoeng li buloe hore batho ba khutlele mesebetsing. ‘Muso o ko fokotse theko ea lijo kantle ho naha, tseo Basotho ba khonang ho itlhahisetsa ‘muso o ke o khahlametse likhoebo tsa Basotho ka lichelete le lisebelisoa tsa tlhahiso.

Ke lakatsa ho bona likolo tsohle kahare naha li ruta ka temo, kaha temo eka ntša Lesothobofumeng.

Litsela ka hare ho metse li khotsofatse hape ho kibuoe likotihali tse ka litseleng tse senyang makoloi a batho, ho bohlokoa hape hore batho bohle ba fumane motlakase ka hare ho naha. ‘muso o ntlafatse masimo hore chai e be ngata ebile ba phehelle temo ea matekoane kaha a ka ruisa naha.

Ese eka thuto ea likolo tse phahameng e ka se lefelloe le bana ba thole lithusa thuto mahala e le ho matlafatsa naha.

ke lebeletse ho bona batho bohle ba sebetsa, le mokhoa oa ho thola litokomane tsa molao ka hare ho naha ea Lesotho o bebofalitsoe. Hape ke batla ho bona tikoloho e hloekile.