Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

LHDA e abela sekolo sa Molikaliko liphaposi tsa ho rutela

By Mosa Maoeng

MASERU– Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho (LHDA) o abetse sekolo sa mathomo sa Molikaliko liphaposi tse peli tsa ho rutela, tseo ho tsona bana ba mashome a robeli ba tla una molemo.

Kabelo ena e bile Ha Montši, Molikaliko ka Labohlano.

Mookameli Ntlafatsong ea Sechaba le Paballo le Tlhokomelo ea Tikoloho LHDA Monghali Mahase Thokoa o boletse ha mosebetsi oa LHDA e le ho bokeletsa metsi ka litlhoreng tsa lithaba e le ho a fetisetsa naheng ea boahelane. A re batho ba anngoeng ba buseletsoa ka mokhoa oa matšeliso. A re ba nehelane ka li kamore tse peli tseo e le pontšo ea hore ba tšoarisane matsoho le sechaba sa Molikaliko. A eketsa ka hore mosebetsi oa ho aha o qalile ka selemo sa 2019 empa o ile oa khineha ka lebaka la seoa sa Corona.

“Moo e bang morero o ile oa thetsana le thepa tsa sechaba o tlameha ho buseletsa ka mokhoa oa chelete kapa thepa ekang likolo le matlo a baruti. Re se re na le likolo tse ka bang 13 tse ahiloeng ke Morero hona sebakeng sa Mohale, ‘me re sa ntse re tla tsoela-pele,” a rialo.

Ho sa le joalo, Molula-setulo  oa boto ea sekolo Molikaliko Mofumahali ‘Mamonyane Leboea o hlalositse ha ho sa ba bonolo ho fihlela mona kaha ka nako ea phalliso selemong sa 2000 ba ile ba fallisoa ke Morero, ‘me  ha ba qala ho fihla sebakeng seo ba ne ba sa haheloa, ba rutela ka tenteng. A re bana ba ne ba sa kene sekolo hantle ka lebaka la serame. Leboea a re ka selemo sa 2005 bana ba sehlopha sa bosupa ba bile ba tlameha ho ngolla lihlahlobo tsa bona tsa makhaola khang sekolong sa Koporale ele mothating oo sekolo se tlo oela ebile ba le mothating oa ho amohuoa nomoro. O lebohile batsoali ka ho tšehetsa sekolo le ho se nyahame, ba ema ka natla ho bona hore ha se oele.

Mookameli oa LHDA Monghali Tente Tente o boletse ha bas a na le leeto ‘me e le hona ba tlo etsa mosebetsi. A re le ha ho le joalo mosebetsing ona oa bona ba a ma likolo, likereke le thepa ea sechaba ka hona ba tlameha ho se buseletsa. “Re ahetse sekolo sena liphaposi tsena tse peli tsa sekolo tse kenyelelitseng litafole le litulo tse 40 tseo ho tsona ho tla lula bana ba babeli, ‘me ho ntse ho e-na le mesebetsi e meng e ntseng e salletse e kenyeletsang hore ho be le motlakase ka hare ho liphaposi tseo. Ho ntse ho na le lintho tse ling hape tse salletseng tseo re ntseng re tšoarisane matsoho le kereke ho bona hore lia phethahala.

Mookameli oa sekolo sa mathomo sa Molikaliko Mofumahali Likeleli Lebone o supile ha ba ne ba ena le liphaposi tse peli fela tsa ho rutela pele ba ka aheloa tse ling tse peli ke LHDA. “Ka hare ho phaposi e le ngoe ho ne ho kenela lihlopha tse ‘ne ka ho e ngoe ho kenela tse tharo, bana ba furallana, lithuto li tsoela-pele.  Le ha ho se ho e-na le tsena tse ling tse peli, bana ba ntse ba tlo tsoela-pele ho arolelana liphaposi. Re sebetsa re le matichere a mabeli koano sekolong, ‘me mosebetsi o ba boima haholo,” o boletse joalo.